38 esita le lipane tsa mollo tsa banna bana ba sitetsoeng meea+ ea bona. Ba li etse makapa a tšepe a masesaane bakeng sa ho koahela aletare,+ hobane ba li hlahisitse ka pel’a Jehova, hoo li halalelang; ’me e lokela ho ba pontšo ho bara ba Iseraele.’”+
23 Morena Solomone a hlapanya ka Jehova, a re: “E se eka Molimo a ka nketsa joalo, ’me e se eka a ka ekelletsa ho seo,+ haeba Adonija ha aa bua ntho ena khahlanong le moea oa hae.+
20 Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa.+ Mora a ke ke a jara letho ka lebaka la phoso ea ntat’ae, ’me ntate a ke ke a jara letho ka lebaka la phoso ea mora. Ho loka ha ea lokileng ho tla ba holim ’a hae,+ ’me bokhopo ba ea khopo bo tla ba holim ’a hae.+