4 Ka sebele o tla ahlola har’a lichaba+ ’me a lokise litaba+ lichabeng tse ngata.+ Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela.+ Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.+
17 Ke tla tlisa khauta ho e-na le koporo,+ ke tla tlisa silevera ho e-na le tšepe, ’me ke tla tlisa koporo, ho e-na le lehong, ke tlise tšepe, ho e-na le majoe; ke tla beha khotso hore e be balebeli+ ba hao le ho loka hore e be ba u abelang mosebetsi.+
27 Ke le siela khotso, ke le fa khotso ea ka.+ Ha ke le fe eona ka tsela eo lefatše le fanang ka eona. Le se ke la lumella lipelo tsa lōna hore li khathatsehe kapa la li lumella hore li ikhule ke tšabo.