Jeremia 14:22 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 22 Na har’a litšoantšo tse rapeloang tsa lefeela+ tsa lichaba ho na le se ka nesang pula, kapa na le maholimo a ka fana ka lipula tsa melupe? Jehova Molimo oa rōna,+ na hase Uena ea ka etsang joalo? Re u tšepile, etsoe u entse lintho tsena tsohle.+ Jakobo 5:18 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 18 O ile a rapela hape, ’me leholimo la fana ka pula ’me naha ea beha litholoana+ tsa eona.
22 Na har’a litšoantšo tse rapeloang tsa lefeela+ tsa lichaba ho na le se ka nesang pula, kapa na le maholimo a ka fana ka lipula tsa melupe? Jehova Molimo oa rōna,+ na hase Uena ea ka etsang joalo? Re u tšepile, etsoe u entse lintho tsena tsohle.+