26 Ke tla etsa hore tsona le libaka tse potolohileng leralla la ka e be tlhohonolofatso,+ ’me ke tla etsa hore pula e tšolohang e theohe ka nako ea eona. Ho tla ba le lipula tse tšolohang tsa tlhohonolofatso.+
7 Ka hona, le se ke la fela pelo, barab’eso, ho fihlela ho beng teng+ ha Morena. Bonang! Sehoai se lula se letetse litholoana tsa bohlokoa tsa lefatše, ha se fele pelo mabapi le tsona ho fihlela se fumana pula ea pele le pula+ ea morao.