20 Eitse hang ha Baiseraele bohle ba utloa hore Jeroboame o khutlile, hang-hang ba romeletsa ’me ba mo bitsetsa phuthehong eaba ba mo etsa morena oa Baiseraele bohle.+ Ha ho le ea mong eo e ileng ea e-ba molateli oa ntlo ea Davida haese moloko oa Juda o le mong.+
21 Manase a je Efraime, le Efraime a je Manase. Ba tla loantša Juda ba le hammoho. Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.+