10 U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena.+ U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao.+ Ke tla u matlafatsa.+ Ka sebele ke tla u thusa.+ Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho+ la ka le letona la ho loka.’+
16 Jehova o tla puruma a le Sione, ’me o tla ntša lentsoe+ la hae a le Jerusalema. Ka sebele leholimo le lefatše li tla reketla;+ empa Jehova e tla ba setšabelo ho batho ba hae,+ le qhobosheane ho bara ba Iseraele.