29 Joale Josefa a lokisa koloi ea hae ’me a nyoloha ho ea khahlanyetsa ntat’ae Iseraele Goshene.+ Ha a mo bona a itihela hang-hang molaleng oa hae ’me a ’na a ntšetsa meokho molaleng oa hae.+
5 U arabe ’me u re ka pel’a Jehova Molimo oa hao, ‘Ntate e ne e le Mosyria+ ea timelang; eaba o theohela Egepeta+ ’me o lula teng e le mojaki a e-na le ba fokolang haholo ka palo;+ empa a fetoha sechaba se seholo moo, se matla le se sengata.+