24 Qetellong Josefa a re ho barab’abo: “Kea shoa; empa ruri Molimo o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho lōna,+ ’me ka sebele o tla le ntša naheng ena a le ise naheng eo a e hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo.”+
6 Eaba o tsoela pele ho re: “Ke ’na Molimo oa ntat’ao, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo.”+ Joale Moshe a ipata sefahleho, hobane o ne a tšaba ho talima Molimo oa ’nete.
37 Empa hore bafu baa tsosoa esita le Moshe o ile a ho senola, tlalehong e mabapi le sehlahla+ se meutloa, ha a bitsa Jehova ‘Molimo oa Abrahama le Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo.’+