34 Ka lebaka lena, joale ke le romela+ baprofeta le banna ba bohlale le barupeli ba sechaba.+ Ba bang ba bona le tla ba bolaea+ ’me le ba khokhothele thupeng, ’me ba bang ba bona le tla ba shapa+ ka lisynagogeng tsa lōna ’me le ba hlorise ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong;
5 Empa Bajuda, ka ho ba le poulelo,+ ba inkela banna ba itseng ba khopo ho ba sollang ’marakeng ’me ba etsa mokhopi eaba ba qala ho baka moferefere+ motseng. Ba hlasela ntlo ea Jasone ’me ba qala ho batla hore ba tlisoe ho mahoo-hoo ao.
11 mahloriso a ka, litlhokofatso tsa ka, mofuta oa lintho tse ileng tsa nketsahalla Antioke,+ Ikoniamo,+ Lystra,+ mofuta oa mahloriso ao ke a mameletseng; leha ho le joalo Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela.+