26 Ke tla boela ke u khutlisetsa baahloli joaloka pele, le baeletsi ba hao joaloka qalong.+ Ka mor’a sena u tla bitsoa Motse oa ho Loka, Motse o Tšepahalang.+
27 “‘’Muso le bobusi le boholo ba mebuso e tlas’a maholimo ’ohle ea fuoa batho bao e leng bahalaleli ba Ea Holimo-limo.+ ’Muso oa bona ke ’muso o hlolang ka nako e sa lekanyetsoang, ’me mebuso eohle e tla ba sebeletsa le ho ba mamela.’+
8 “Ha e le uena, tora ea mohlape, tutulu ea morali oa Sione,+ e tla fihla ho uena, e, ka sebele puso ea pele e tla tla, ’muso oa morali oa Jerusalema.+
11 Ha ba ntse ba mametse lintho tsena a eketsa ka ho bolela papiso e ’ngoe, hobane o ne a le haufi le Jerusalema ’me ba ne ba nahana hore ’muso oa Molimo o ne o tla iponahatsa hang-hang.+
21 Empa re ne re tšepile hore monna enoa ke eena ea reretsoeng ho lopolla Iseraele;+ e, ’me ntle ho lintho tsena tsohle, lena ke letsatsi la boraro ho tloha ha lintho tsena li etsahala.