3 kaha ke tla u hlapantša ka Jehova,+ Molimo oa maholimo le Molimo oa lefatše, hore u ke ke ua nkela mora oa ka mosali ho barali ba Bakanana bao ke lulang har’a bona,+
4 Etsoe o tla khelosa mora oa hao hore a se ke a ntatela, ’me ka sebele ba tla sebeletsa melimo e meng;+ ruri bohale ba Jehova bo tla le tukela, ’me o tla le felisa ka potlako.+
25 Ka qala ho fumana molato ho bona ’me ka ba rohaka+ ka otla banna ba bang ba bona+ ka ba hlotha moriri ’me ka ba hlapantša ka Molimo:+ “Ha lea lokela ho fana ka barali ba lōna ho bara ba bona, ’me ha lea lokela ho amohela barali leha e le bafe ba bona bakeng sa bara ba lōna kapa bakeng sa lōna.+
14 Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.+ Etsoe ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe?+ Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi?+