Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Deuteronoma 29:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 “Lintho tse patiloeng+ ke tsa Jehova Molimo oa rōna, empa lintho tse senotsoeng+ ke tsa rōna le bara ba rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, e le hore re ka phetha mantsoe ’ohle a molao ona.+

  • Matheu 16:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ha Jesu a arabela a re ho eena: “Ho thaba uena, Simone mora oa Jona, hobane nama le mali ha lia ka tsa u senolela hona, empa o ho senoletsoe ke Ntate ea maholimong.+

  • Baefese 3:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Melokong e meng sephiri+ sena ha sea ka sa tsebahatsoa ho bara ba batho joalokaha hona joale se senotsoe ho baapostola ba hae ba halalelang le baprofeta+ ka moea,

  • 2 Timothea 1:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 empa joale se totobalitsoe ka ho hlakileng ka ponahalo+ ea Mopholosi oa rōna, Kreste Jesu, ea felisitseng lefu+ ka ho feletseng empa a khantšitse leseli+ holim ’a bophelo+ le ho se bole+ ka litaba tse molemo,

  • 1 Petrose 1:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ba ile ba senoleloa hore, e ne e se bona,+ empa e ne e le lōna, bao ba neng ba ba sebeletsa lintho tseo joale le li tsebisitsoeng+ ka ba le boleletseng litaba tse molemo ka moea o halalelang+ o rometsoeng o tsoa leholimong. Mangeloi a lakatsa ho nyarela+ ka hare ho lintho tsona tsena.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela