Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 2 Bakorinthe 1:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Joale ebang re matšoenyehong, ke bakeng sa matšeliso a lōna le poloko+ ea lōna; kapa ebang re ntse re tšelisoa, ke bakeng sa matšeliso a lōna a sebetsang ho etsa hore le mamelle litlhokofatso tse tšoanang tseo le rōna re utloisoang bohloko ke tsona.+

  • Bafilipi 2:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ho sa tsotellehe seo, esita le haeba ke ntse ke tšolloa joaloka nyehelo ea seno+ holim ’a sehlabelo+ le tšebeletso ea phatlalatsa eo tumelo e le isitseng ho eona,+ kea nyakalla+ ’me ke thaba le lōna kaofela.

  • Bakolose 1:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Joale kea thaba litlhokofatsong tsa ka ka lebaka la lōna,+ ’me ke tlatselletsa se haellang matšoenyehong+ a Kreste nameng ea ka bakeng sa ’mele oa hae, oo e leng phutheho.+

  • 1 Bathesalonika 2:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Kahoo, re e-na le lerato le mofuthu bakeng sa lōna,+ ha rea ka ra khahloa ke ho le fa litaba tse molemo feela tsa Molimo, empa le meea+ ea rōna, hobane le bile ba ratoang+ ho rōna.

  • Baheberu 13:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Mamelang ba etellang pele har’a lōna+ ’me le ipehe tlaase,+ kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna joaloka ba tla ikarabella;+ e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela