15 “A hlabe pōli ea nyehelo ea sebe, bakeng sa sechaba,+ ’me a tlise mali a eona ka har’a lesira+ ’me a etse ka mali+ a eona ka tsela e tšoanang le kamoo a entseng kateng ka mali a poho; a a fafatse nģ’a sekoahelo le ka pel’a sekoahelo.
28 Feela joalokaha Mor’a motho a sa ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa+ le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”+
16 “Ke na le linku+ tse ling, tseo e seng tsa lesaka+ lena; le tsona ke tla li tlisa, ’me li tla mamela lentsoe+ la ka, e tla ba mohlape o le mong, molisa+ a be mong.