Genese 11:27, 28 Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha 27 Ena ke histori ya Tera. Tera o ile a ba le bara ba bitswang Abrame, Nakore le Harane. Harane a ba le mora ya bitswang Lota.+ 28 Harane a shwella naheng ya Ure+ ya Bakalde+ moo a hlahetseng teng mme ntate wa hae Tera o ne a ntse a phela. Genese 15:7 Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha 7 A boela a re: “Ke nna Jehova, ya o ntshitseng Ure ya Bakalde ho o fa naha ena hore e be ya hao.”+
27 Ena ke histori ya Tera. Tera o ile a ba le bara ba bitswang Abrame, Nakore le Harane. Harane a ba le mora ya bitswang Lota.+ 28 Harane a shwella naheng ya Ure+ ya Bakalde+ moo a hlahetseng teng mme ntate wa hae Tera o ne a ntse a phela.