16 Sarai mosadi wa Abrame o ne a se na bana.+ Le ha ho le jwalo, o ne a ena le mosebeletsi wa Moegepeta ya bitswang Hagare.+ 2 Sarai a re ho Abrame: “Jehova o entse hore ke se ke ka ba le bana. Ke kopa hore o robale le mosebeletsi wa ka, mohlomong ke tla ba le bana ka yena.”+ Abrame a mamela Sarai.