Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Genese 35:22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 Ka letsatsi le leng ha Iseraele a ntse a dula naheng eo, Rubene a robala le Bilha serethe* sa ntate wa hae yaba Iseraele o utlwela ka taba eo.+

      Jakobo o ne a ena le bara ba 12.

  • Genese 37:22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 Rubene a re ho bona: “Le se ke la mo bolaya.+ Mo lahleleng ka sekoting sena sa metsi se lefeelleng empa le se ke la mo etsa hampe.”+ Morero wa hae e ne e le ho mo pholosa e le hore a ka mo kgutlisetsa ho ntate wa hae.

  • Genese 49:3, 4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Rubene+ o letsibolo+ la ka, matla a ka le ngwana wa ka wa pele,* bokgabane bo hlomphehang le bokgabane ba matla. 4 E ke ke ya eba wena e moholo ka ha o bile jwalo ka metsi a lwebehlanang. O hlwelletse betheng ya ntate wa hao.+ O silafaditse* bethe ya ka. O ile a hlwella ho yona!

  • Exoda 6:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Ana ke mabitso a dihlooho tsa malapa a Baiseraele: Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele,+ e ne e le Hanoke, Palu, Hezrone le Karmi.+ Ana ke malapa a Rubene.

  • 1 Dikronike 5:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Bana ke bara ba Rubene+ letsibolo la Iseraele. Ka ha Rubene o ile a robala le serethe* sa ntate wa hae,*+ tokelo ya hae ya ho ba letsibolo e ile ya fuwa bara ba Josefa mora wa Iseraele. Ka hoo, o ne a sa ngodiswa e le letsibolo lelokong la habo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela