-
Deuteronoma 17:14, 15Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
14 Ha le kena naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona mme le se le e nkile ebile le dula ho yona, ebe le re, ‘A re ikgetheleng morena jwalo ka ditjhaba tsohle tse re potolohileng,’+ 15 boemong boo, le etse bonnete ba hore le kgetha morena eo Jehova Modimo wa lona a mo kgethang.+ Le kgethe morena hara bana ba bo lona. Ha le a dumellwa ho kgetha moditjhaba e leng motho eo e seng ngwanabo lona.
-
-
1 Dikronike 1:43-50Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
43 Ana ke marena a ileng a busa naha ya Edomo+ pele morena le ha e le ofe a busa Baiseraele:*+ Bela mora wa Beore, eo motse wa hae e neng e le Dinhaba. 44 Ha Bela a shwa, Jobabe mora wa Zera ya tswang Bozra+ a busa ka mora hae. 45 Ha Jobabe a shwa, Hushame ya tswang naheng ya Batemane a busa ka mora hae. 46 Ha Hushame a shwa, Hadade mora wa Bedade, ya hlotseng Midiane naheng ya* Moabe, a busa ka mora hae. Lebitso la motse wa hae e ne e le Avithe. 47 Ha Hadade a shwa, Samla ya tswang Masreka a busa ka mora hae. 48 Ha Samla a shwa, Shaule ya tswang Rehobothe pela Noka a busa ka mora hae. 49 Ha Shaule a shwa, Baale-hanane mora wa Akbore a busa ka mora hae. 50 Ha Baale-hanane a shwa, Hadade a busa ka mora hae. Lebitso la motse wa hae e ne e le Pau mme lebitso la mosadi wa hae e ne e le Mehetabele moradi wa Matrede moradi wa Mezahabe.
-