-
Exoda 26:1-6Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
26 O roke masela a tente a leshome ka line e lohilweng ya boleng bo botle, kgwele e putswa, ulu e pherese le lesela le lefubedu bakeng sa tabernakele.+ O rokelle mokgabiso+ wa dikerubime+ hodima ona. 2 Lesela ka leng la tente le tla ba bolelele ba dimithara tse ka bang 12* mme le be bophara ba dimithara tse ka bang pedi.* Masela ohle a tente a lekane.+ 3 O kopanye masela a mahlano hore o etse lesela le le leng le leholo mme o etse se tshwanang le ka masela a mang a mahlano e le hore ho tle ho be le masela a mabedi a maholo. 4 Qetellong ya lesela le leng le le leng le leholo, o rokelle dikgoketsane* ka kgwele e putswa e le hore masela ana a mabedi a ka kgona ho kopanngwa. 5 O etse dikgoketsane tse 50 leseleng le leng le leholo la tente le dikgoketsane tse 50 qetellong ya lesela le leng hape le leholo la tente e le hore dikgoketsane di shebane moo di tlo kopanngwa teng. 6 O etse dihakisi tse 50 tsa kgauta ebe o kopanya masela a tente ka tsona mme tabernakele e tla ba ntho e le nngwe.+
-