-
Exoda 26:7-11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 O boele o etse masela a tente a 11+ a entsweng ka boya ba podi+ ho kwahela lesela la line le hodima tabernakele. 8 Lesela ka leng la tente le be bolelele ba dimithara tse ka bang 13* le bophara ba dimithara tse ka bang pedi.* Masela ohle a tente a 11 a lekane. 9 O kopanye masela a mahlano a tente hore e be lesela le le leng le leholo. O kopanye le masela a mang a tsheletseng a tente hore e be lesela le le leng le leholo. O mene lesela la botshelela la tente karolong e ka pele ya tente. 10 O etse dikgoketsane* tse 50 qetellong ya lesela le leng le leholo la tente le dikgoketsane tse 50 qetellong ya lesela le leng hape le leholo la tente moo masela ana a kopanang teng. 11 O etse dihakisi tse 50 tsa koporo mme o kenye dihakisi dikgoketsaneng* ebe o kopanya masela a tente ebe a etsa ntho e le nngwe e kwahelang tabernakele.
-