-
Exoda 25:23-28Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
23 O boele o etse tafole+ ka sefate sa leoka, bolelele ba yona e be bo ka etsang mithara,* bophara ba yona e be disenthimithara tse ka bang 45* mme bophahamo ba yona e be disenthimithara tse ka bang 67.*+ 24 O e kwahele ka kgauta e hlwekileng mme o e etsetse mokgabiso wa kgauta ho e potoloha. 25 O e etsetse foreimi e bophara ba disenthimithara tse ka bang supa* ho e potoloha mme o etsetse foreimi mokgabiso wa kgauta ho e potoloha. 26 O e etsetse direng tse nne tsa kgauta mme o behe direng tseo dikhoneng tse nne, moo maoto a mane a leng hona teng. 27 Direng di be haufi le foreimi e le hore di kenye dipalo bakeng sa ho jara tafole. 28 O etse dipalo ka sefate sa leoka, o di kwahele ka kgauta mme ba jare tafole ka tsona.
-