-
Exoda 28:6-8Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
6 Ba etse efoda ka kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle e lohilweng mme ba e kgabise ka kgwele e mmala wa kgauta.+ 7 E be le masela a mabedi a kopantsweng mahetleng a kopanyang karolo e ka pele le e ka morao. 8 Lebanta le lohilweng+ le rokelletsweng hodima efoda hore le e fase ka thata, le etswe ka dintho tse tshwanang le efoda: Kgwele e mmala wa kgauta, kgwele e putswa, ulu e pherese, lesela le lefubedu le line ya boleng bo botle e lohilweng.
-