-
Exoda 28:31-35Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
31 O etse seaparo se se nang matsoho sa efoda ka kgwele e putswa feela.+ 32 Ho be le lesoba karolong ya sona e molaleng.* Le be le lemeno ka hohle le lohilweng ke motho ya sebetsang ka foreimi e etsang masela. Lesoba leo le be thata jwalo ka lesoba la seaparo sa tshepe e le hore le se ke la taboha. 33 O etse dikgarenate ka kgwele e putswa, ulu e pherese le lesela le lefubedu ho potoloha lemeno le tlase la seaparo le ditleloko* tsa kgauta pakeng tsa tsona. 34 O etse hore tleloko ya kgauta e latelwe ke kgarenate, e be tleloko ya kgauta mme pela yona e be kgarenate. O di kenye jwalo ho potoloha lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho. 35 Se aparwe ke Arone e le hore a ka sebeletsa e le moprista mme modumo o etswang ke ditleloko o utlwahale ha a kena ka sehalalelong ka pela Jehova le ha a tswa e le hore a se ke a shwa.+
-