-
Exoda 8:17, 18Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
17 Ba etsa jwalo. Arone a otlolla letsoho leo a tshwereng molamu wa hae ka lona yaba o otla lerole la lefatshe mme menwang ya hlasela batho le diphoofolo. Lerole lohle la lefatshe la fetoha menwang naheng yohle ya Egepeta.+ 18 Baprista ba maselamose le bona ba leka ho etsa menwang+ empa ba hloleha. Menwang ya nna ya hlasela batho le diphoofolo.
-
-
2 Timothea 3:8Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
8 Banna bao ba hanyetsa nnete ka tsela eo Janese le Jambrese ba ileng ba hanyetsa Moshe ka yona. Ba bodile dikelello, Modimo ha a ba amohele hobane ha ba latele dithuto tse re thusang ho ba le tumelo.
-