Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 9:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Haeba o sa se tlohele, ke tla otla wena le bahlanka ba hao le setjhaba sa hao ka dikotlo tsa ka kaofela e le hore o tsebe hore ha ho na motho ya tshwanang le nna lefatsheng lohle.+

  • Exoda 15:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Ke modimo ofe hara medimo ya jwalo ka wena, Jehova?+

      Ke mang ya jwalo ka wena, ya halalelang ka ho fetisisa?+

      O lokela ho tshajwa le ho roriswa ka dipina, wena ya etsang dintho tse makatsang.+

  • Pesaleme 83:18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 E se eka batho ba ka tseba hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova,+

      Ke wena feela Ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle.+

  • Pesaleme 86:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  8 Ha ho na modimo ya tshwanang le wena Jehova,+

      Ha ho na ya entseng dintho tse tshwanang le tseo o di entseng.+

  • Esaia 46:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  9 Hopolang dintho tse fetileng* tsa mehleng ya kgale

      Hore ke nna Modimo* mme ha ho na Modimo e mong.

      Ke nna Modimo mme ha ho ya tshwanang le nna.+

  • Jeremia 10:6, 7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Ha ho ya tshwanang le wena Jehova.+

      O moholo le lebitso la hao le leholo ebile le matla.

       7 Ke mang ya sa lokelang ho o tshaba, wena Morena wa ditjhaba?+ O lokela ho tshajwa.

      Hara batho bohle ba bohlale ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya bona,

      Ho hang ha ho ya tshwanang le wena.+

  • Baroma 9:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Lengolo le re ho Faro: “Ke o bolokile o phela ka lebaka lena: Hore ke bontshe matla a ka ka wena le hore lebitso la ka le bolelwe lefatsheng lohle.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela