-
Exoda 10:17-19Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
17 Ke kopa le ntshwarele ka sebe sena sa ka lekgetlong lena feela mme le kope Jehova Modimo wa lona hore a tlose kotlo* ena ho nna.” 18 Ka hoo a* tloha ho Faro, a yo rapela Jehova.+ 19 Jehova a etsa hore moya o fokele sebakeng se seng mme ya eba moya o matla haholo wa bophirimela. O ile wa tlosa ditsie yaba o di kgannela Lewatleng le Lefubedu. Ha ho a ka ha sala tsie le ha e le nngwe sebakeng sohle sa Egepeta.
-