-
Numere 35:22-25Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
22 Empa haeba a mo sutumeditse e se ka boomo ebile e se hobane a mo hloile kapa a mo betsitse ka ntho le ha e le efe e se ka morero wa ho mo lematsa*+ 23 kapa haeba a sa mo bona mme a entse hore lejwe le mo wele hodimo empa e ne e se sera sa hae kapa a ne a sa batle ho mo ntsha kotsi mme motho eo a shwa, 24 phutheho e ahlole pakeng tsa hae le motho ya amanang le motho ya bolailweng, ho ya ka dikahlolo tsena.+ 25 Jwale phutheho e pholose mmolai letsohong la motho ya amanang le motho ya bolailweng mme e mo kgutlisetse motseng wa hae wa setshabelo oo a neng a balehetse ho wona mme a dule ho wona ho fihlela moprista ya phahameng ya tlotsitsweng ka oli e halalelang a shwa.+
-
-
Deuteronoma 19:3-5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 Le arole naha eo Jehova Modimo wa lona a le fileng yona hore e be dikarolo di tharo mme le lokise ditsela e le hore mmolai le ha e le ofe a ka balehela ho o mong wa metse eo.
4 Jwale, mmolai a etse tjena e le hore a nne a phele: Haeba a bolaile wa habo a sa ikemisetsa ebile a sa mo hloya+ 5 jwalo ka ha motho a ka ya le wa habo morung ho ya rwalla patsi ebe ha a re o kapa patsi ka selepe, hlooho ya selepe seo e be e tswa e otla wa habo ebe o a shwa, mmolai o lokela ho balehela ho o mong wa metse ena e le hore a phele.+
-
-
Joshua 20:7-9Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Ka hoo, ba fa Kedeshe+ e Galilea boemo bo halalelang sebakeng se dithaba sa Nefthali, Shikeme+ e sebakeng se dithaba sa Efraime le Kiriathe-arba+ e leng Hebrone, e sebakeng se dithaba sa Juda. 8 Sebakeng sa Jordane ka botjhabela ho Jeriko, ba kgetha Bezere+ lefeelleng le sebakeng se phahameng* ho tswa lelokong la Rubene, ho tswa lelokong la Gade ba kgetha Ramothe+ e Gileade mme ho tswa lelokong la Manase+ ba kgetha Golane+ e Bashane.
9 Ena e ne e le metse e kgethilweng bakeng sa Baiseraele bohle le baditjhaba ba dulang hara bona, e le hore motho ya bolayang e mong e se ka morero a balehele teng+ mme a se ke a bolawa ke motho ya amanang le motho ya bolailweng pele nyewe ya hae e hlahlojwa ka pela phutheho.+
-