-
Numere 3:36, 37Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
36 Boikarabelo ba bara ba Merari e ne e le ho hlokomela diforeimi+ tsa tabernakele, dipalo+ tsa yona, dipilara+ tsa yona le ditshehetso tsa yona tse sekoti, disebediswa+ tsohle tsa yona le ho etsa mosebetsi wohle o amanang le dintho tsena,+ 37 ha mmoho le dipilara tse neng di potolohile lebala le ditshehetso tsa tsona tse sekoti,+ ditshepe* tsa tsona tsa tente le dithapo tsa tsona tsa tente.
-