Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Levitike 8:22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 A tlisa ramo ya bobedi e leng ya tlhomamiso+ mme Arone le bara ba hae ba beha matsoho hloohong ya yona.+

  • Levitike 8:25-28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 25 A nka mafura, mohatla o mafura, mafura ohle a hodima mala, karolo e mafura ya sebete, diphio tse pedi le mafura a tsona le leoto le letona.+ 26 Ka hara baskete ya bohobe bo se nang tomoso bo neng bo le ka pela Jehova, a ntsha bohobe bo le bong bo sedikadikwe bo lesoba hare bo se nang tomoso,+ bohobe bo le bong bo sedikadikwe bo lesoba hare bo nang le oli+ le sephaphatha se le seng. A di beha hodima dikarolo tse mafura le hodima leoto le letona. 27 Ka mora moo, kaofela ha tsona a di beha hodima diatla tsa Arone le diatla tsa bara ba hae yaba o di tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova. 28 Moshe a di nka matsohong a bona yaba o etsa hore di kubelle aletareng hodima nyehelo ya setjheso. E ne e le sehlabelo sa tlhomamiso se monko o monate.* E ne e le nyehelo e tjhesetswang Jehova.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela