-
Exoda 28:9-11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
9 O nke majwe a mabedi a onikse+ mme o ngole mabitso a bara ba Iseraele hodima ona ka ho a fata.+ 10 O ngole mabitso a tsheletseng hodima lejwe le leng mme mabitso a mang a tsheletseng o a ngole hodima lejwe le leng ho ya ka tatellano ya tswalo ya bona. 11 Setsebi sa ho betla majwe se ngole mabitso a bara ba Iseraele ka ho a fata majweng ao ka mongolo o kang wa letshwao la tiiso.+ Ka mora moo, o a hlome didulwaneng tsa kgauta.
-