-
Deuteronoma 4:15-18Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Letsatsing leo Jehova a neng a bua le lona Horebe a le hara mollo ha le a ka la bona letho. Ka hona, le ele hloko 16 hore le se ke la itshilafatsa ka ho iketsetsa setshwantsho sa ntho le ha e le efe, ebang ke setshwantsho sa monna kapa sa mosadi,+ 17 sa phoofolo kapa sa nonyana e fofang sepakapakeng,+ 18 sa tlhapi e ka metsing+ kapa sa phoofolo le ha e le efe e hahabang.
-