-
Joshua 24:15Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Haeba le bona e le ntho e mpe ho sebeletsa Jehova, le ikgethele kajeno eo le tla mo sebeletsa+ ebang ke medimo eo baholoholo ba lona ba neng ba e sebeletsa ka lehlakoreng le leng la Noka*+ kapa medimo ya Baamore bao le dulang naheng ya bona.+ Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Jehova.”
-
-
2 Marena 10:15Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Ha a tloha moo, a kopana le Jonadabe+ mora wa Rekabe+ ya neng a tlo mo kgahlanyetsa. Jehu a mo dumedisa* mme a re: “Na o ntshepahalla* jwalo ka ha ke o tshepahalla?”
Jonadabe a re: “E, ke a o tshepahalla.”
Jehu a re: “Haeba ho jwalo, tlisa letsoho la hao.”
A le tlisa yaba Jehu o mo hulela ka kariking.
-