Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 29:38-42
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 38 O nyehele tse latelang aletareng: Diramo tse pedi tse nyenyane tse nang le selemo, o di nyehele letsatsi le letsatsi ka mehla.+ 39 O nyehele ramo e nngwe e nyenyane hoseng mme o nyehele ramo e nngwe e nyenyane ha letsatsi le dikela.+ 40 Ramo ya pele e nyenyane e tsamaye le dilithara tse ka bang pedi* tsa phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le lithara e le nngwe* ya oli e tutsweng le nyehelo ya seno ya lithara e le nngwe ya veine. 41 O nyehele ramo ya bobedi e nyenyane ha letsatsi le dikela ha mmoho le dinyehelo tsa dijo* le tsa seno tse tshwanang le tsa hoseng. O e nyehele e le monko o monate* e le nyehelo e tjhesetswang Jehova. 42 E be nyehelo ya setjheso ya ka mehla melokong yohle ya lona. E etsetswe monyako wa tabernakele* ka pela Jehova moo ke tla itlhahisa ho lona ho bua le lona teng.+

  • Numere 28:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 O re ho bona, ‘Ena ke nyehelo e tjheswang ka mollo eo le tla e nyehela ho Jehova: Ka letsatsi le tlise dikonyana tse pedi tse tona tse phetseng hantle tse nang le selemo e le nyehelo ya setjheso ya ka mehla.+

  • Baheberu 10:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Moprista e mong le e mong o a ema e le hore a etse mosebetsi wa hae o halalelang letsatsi le letsatsi+ le hore a etse mahlabelo kgafetsa+ le hoja mahlabelo ao a sa kgone ho tlosa dibe ka ho feletseng.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela