-
Exoda 29:26, 27Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
26 O nke sefuba sa ramo ya tlhomamiso+ e nyehelwang bakeng sa Arone ebe o se tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova mme e be kabelo ya hao. 27 Ramong ya tlhomamiso+ eo ho ileng ha nyehelwa ka yona bakeng sa Arone le bara ba hae, o halaletse sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto la karolo e halalelang e leng tse ileng tsa tsokwa le tseo ho ileng ha fanwa ka tsona.
-
-
Levitike 7:34, 35Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
34 Mahlabelong a kopanetsweng a Baiseraele, ke nka sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto la karolo e halalelang mme ke di fa moprista Arone le bara ba hae. Ke molao o tla dula o le teng bakeng sa Baiseraele.+
35 Ena e ne e le karolo e tswang dinyehelong tsa Jehova tse tjheswang ka mollo e lokelang ho behellwa ka thoko bakeng sa baprista, e leng Arone le bara ba hae, letsatsing leo ka lona ba hlahiswang ho sebeletsa Jehova e le baprista.+
-