Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Numere 6:23-27
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 23 “Bolella Arone le bara ba hae o re, ‘Ena ke tsela eo le tla hlohonolofatsa+ setjhaba sa Iseraele ka yona. Le re ho sona:

      24 “E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa+ mme a le sireletsa.

      25 E se eka Jehova a ka le bontsha mosa*+ mme a le hauhela.

      26 E se eka Jehova a ka le bontsha mosa mme a le fa kgotso.”’+

      27 Ba bitse lebitso la ka setjhabeng sa Iseraele+ e le hore nka ba hlohonolofatsa.”+

  • Deuteronoma 10:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Ka nako eo, Jehova a kgetha leloko la Levi+ hore le jare areka ya selekane sa Jehova+ hore le eme ka pela Jehova e le hore le mo sebeletse le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae+ jwalo ka ha le etsa ho fihlela letsatsing lena.

  • Deuteronoma 21:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Baprista ba Balevi ba lokela ho ba teng hobane Jehova Modimo wa lona o kgethile bona hore ba mo sebeletse+ le hore ba hlohonolofatse ka lebitso la Jehova.+ Ba tla bolela hore na diqabang tse akareletsang ntwa di rarollwe jwang.+

  • 1 Dikronike 23:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Bara ba Amrame e ne e le Arone+ le Moshe.+ Empa Arone o ile a kgethwa+ hore a hlwekise* Sehalaledisiso ka mehla, yena le bara ba hae hore ba nyehele mahlabelo ka pela Jehova, ba mo sebeletse mme ba phatlalatse ditlhohonolofatso ka lebitso la hae ka mehla.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela