-
Exoda 29:26-28Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
26 O nke sefuba sa ramo ya tlhomamiso+ e nyehelwang bakeng sa Arone ebe o se tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova mme e be kabelo ya hao. 27 Ramong ya tlhomamiso+ eo ho ileng ha nyehelwa ka yona bakeng sa Arone le bara ba hae, o halaletse sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto la karolo e halalelang e leng tse ileng tsa tsokwa le tseo ho ileng ha fanwa ka tsona. 28 Ke karolo e halalelang, e be ya Arone le bara ba hae. E ke e be molao o tla dula o le teng o tla phethwa ke Baiseraele. E be karolo e halalelang eo Baiseraele ba tla fana ka yona+ bakeng sa Jehova e tswang mahlabelong a bona a kopanetsweng.+
-