-
Levitike 7:1-4Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Ona ke molao wa nyehelo ya molato:+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa. 2 Ba hlabele nyehelo ya molato moo ba hlabelang nyehelo ya setjheso teng mme madi a yona+ a fafatswe mahlakoreng ohle a aletare.+ 3 A hlahise mafura ohle a yona,+ mohatla o mafura, mafura a kwahelang mala, 4 diphio tse pedi le mafura ohle a di potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le diphiong.+
-