-
Levitike 14:15-18Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Moprista a nke tekanyo e itseng ya kopi* ya oli+ a e tshele seatleng sa hae se setshehadi. 16 Moprista a qopetse oli e seatleng sa hae se setshehadi ka monwana wa letsoho le letona mme a fafatse e nngwe ya oli eo ka monwana ka makgetlo a supileng ka pela Jehova. 17 Moo moprista a tlotsitseng madi a nyehelo ya molato teng, o tla tlotsa e nngwe ya oli e setseng ka seatleng sa hae ntlheng ya tsebe e tona ya motho ya itlhwekisang le monwaneng o motona wa letsoho la hae le letona le monwaneng o motona wa leoto le letona. 18 Moprista a tlotse hlooho ya motho ya itlhwekisang ka oli e setseng seatleng sa hae mme moprista a mo etsetse sehlabelo sa tshwarelo ya dibe ka pela Jehova.+
-