-
1 Samuele 2:15-17Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Hape, le pele motho ya etsang sehlabelo a ka tjhesa mafura hore a kubelle,+ mohlanka wa moprista o ne a tla ho yena mme a re: “Fa moprista nama eo a tla e besa. A ke ke a nka nama e phehilweng ho wena, o tla nka e tala feela.” 16 Ha motho eo a ne a re ho yena: “Ere ba tjhese mafura hore a kubelle pele,+ ebe ka mora moo o inkela eng kapa eng eo o e batlang,” mohlanka wa moprista o ne a re: “Tjhe, mphe yona hona jwale, ho seng jwalo ke tla e nka ka nkane.” 17 Ka hoo, sebe sa bahlanka bao sa eba seholo haholo mahlong a Jehova+ hobane ba ne ba sa hlomphe nyehelo ya Jehova.
-