-
Baheberu 5:1-3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
5 Motho e mong le e mong ya kgethwang hore e be moprista ya phahameng, o sebeletsa batho dinthong tse amanang le borapedi ba bona ho Modimo+ e le hore a nyehele dimpho le mahlabelo bakeng sa dibe tsa bona.+ 2 O kgona ho ba mosa* ho batho ba etsang diphoso hobane ba sa tsebe ka ha le yena o a hopola hore o etsa diphoso. 3 Ka lebaka leo, o tlameha ho etsa dinyehelo bakeng sa dibe tsa hae jwalo ka ha a etsa bakeng sa dibe tsa setjhaba.+
-