-
Exoda 30:34-36Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
34 Jehova a re ho Moshe: “Nka dikarolo tse lekanang tsa ditlolo tsena tse nkgang ha monate:+ marothodi a setakte, onika, galbaname e nkgang ha monate le dibano tse tshweu tse hlwekileng. 35 O etse dibano+ ka tsona. Motswako wa dinoko o kopanngwe ka bokgabane,* o nokwe ka letswai,+ o hlweke o be o halalele. 36 O tule o mong wa wona hore e be phofo e sitsweng hantle mme o behe o mong wa wona ka pela Bopaki ka tabernakeleng,* moo ke tla itlhahisa ho wena teng. E be o halalelang ka ho fetisisa ho lona.
-
-
Tshenolo 8:3-5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 Lengeloi le leng la fihla, la ema aletareng le tshwere sejana sa dibano sa kgauta.+ La fuwa dibano tse ngata+ e le hore le di nyehele aletareng ya kgauta+ e neng e le ka pela terone ha dithapelo tsa bahalaledi bohle di ne di utluwa. 4 Mosi wa dibano tseo lengeloi le neng le di tjhesitse wa nyolohela ho Modimo ha mmoho le dithapelo+ tsa bahalaledi. 5 Yaba lengeloi le nka sejana seo sa dibano, la tshela a mang a mashala* a tswang aletareng ka hara sona mme la se lahlela lefatsheng. Ha eba le diaduma, mahadima+ le tshisinyeho ya lefatshe. Hape ka utlwa le mantswe.
-