Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Levitike 16:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Setjhaba sa Baiseraele se mo fe+ dipodi tse pedi tse tona tse nyenyane bakeng sa nyehelo ya sebe le ramo e le nngwe bakeng sa nyehelo ya setjheso.

  • Baheberu 2:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Ka lebaka leo, o ile a tlameha ho tshwana le “bana babo” ka ditsela tsohle+ e le hore e ka ba moprista ya phahameng ya mohau le ya tshepahalang ha a etsa mosebetsi wa Modimo. Hape o ile a fana ka sehlabelo+ se hlakolang dibe tsa batho e le hore ba ka ba le kgotso le Modimo.+

  • Baheberu 5:1-3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Motho e mong le e mong ya kgethwang hore e be moprista ya phahameng, o sebeletsa batho dinthong tse amanang le borapedi ba bona ho Modimo+ e le hore a nyehele dimpho le mahlabelo bakeng sa dibe tsa bona.+ 2 O kgona ho ba mosa* ho batho ba etsang diphoso hobane ba sa tsebe ka ha le yena o a hopola hore o etsa diphoso. 3 Ka lebaka leo, o tlameha ho etsa dinyehelo bakeng sa dibe tsa hae jwalo ka ha a etsa bakeng sa dibe tsa setjhaba.+

  • Baheberu 9:26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 26 Ho seng jwalo o ne a tla lokela ho utlwa bohloko hangata ho tloha ha lefatshe le boptjwa. Empa o itlhahisitse hanngwe ebile e le la ho qetela hona jwale qetellong ya mehla ena* e le hore a tlose sebe ka sehlabelo sa hae.+

  • 1 Johanne 2:1, 2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 2 Bana ba ka bao ke ba ratang, ke le ngolla dintho tsena hore le se ke la etsa sebe. Le ha ho le jwalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi* ya lokileng+ ya ho Ntate, e leng Jesu Kreste.+ 2 Ke sehlabelo+ se hlakolang dibe tsa rona+ e le hore re ka boelana le Modimo, eseng dibe tsa rona feela empa le tsa lefatshe lohle.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela