Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Esaia 53:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Ka lebaka leo, ke tla mo fa kabelo hara ba bangata,

      O tla arolelana le ba matla thepa e hapuweng

      Ka ha o fane ka bophelo ba hae*+

      Mme a balellwa hara ba tlolang molao.+

      O jere dibe tsa batho ba bangata+

      Mme a kena dipakeng bakeng sa ba tlolang molao.+

  • Baefese 1:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 Re lopolotswe sebeng hobane mora wa hae o ile a re patalla ka madi a hae.+ Ka hona, re tshwarelwa dibe+ ka lebaka la mosa o moholo wa Modimo.

  • Baheberu 9:28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 Ka tsela e tshwanang, Kreste le yena o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo hanngwe ebile e le la ho qetela hore a jare dibe tsa ba bangata.+ Ha a hlaha ka lekgetlo la bobedi o tla be a sa tlo tlosa sebe. O tla bonwa ke ba hlileng ba batlang ho pholoswa ke yena.+

  • 1 Petrose 2:24
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 24 O ile a jara dibe tsa rona+ ha a kgokgothelwa palong*+ e le hore a re lokolle sebeng mme re phelele ho etsa dintho tse ntle. “Le ile la fodiswa ka lebaka la maqeba a hae.”+

  • 1 Johanne 3:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Le lona le a tseba hore o ile a bonahatswa hore a tlose dibe+ tsa rona empa yena ha a na sebe.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela