-
Numere 15:3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 le etsetse Jehova nyehelo ka mollo ho tswa mohlapeng wa diphoofolo tse kgolo kapa ho tswa mohlapeng wa dinku le dipodi e le hore le etsetse Jehova monko o monate.*+ Ebang ke nyehelo ya setjheso,+ sehlabelo bakeng sa ho phetha boitlamo bo kgethehileng, nyehelo ya boithaopo+ kapa nyehelo nakong ya mekete ya lona eo le e etsang ka dinako tse itseng,+
-
-
Deuteronoma 12:5, 6Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
5 Empa le ye sebakeng le ha e le sefe seo Jehova Modimo wa lona a tla kgetha ho beha lebitso la hae ho sona le ho dula teng hara meloko yohle ya lona.+ 6 Ke moo le tla tlisa dinyehelo tsa lona tsa setjheso,+ mahlabelo a lona, dikarolo tsa lona tsa leshome,+ monehelo wa lona,+ dinyehelo tsa lona tsa boitlamo, dinyehelo tsa lona tsa boithaopo+ le matsibolo a mohlape wa lona wa dikgomo, wa dinku le dipodi.+
-