Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Levitike 16:34
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 34 Ena ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa lona+ e le ho etsetsa Baiseraele sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe tsohle tsa bona hanngwe ka selemo.”+

      Ka hoo, Arone a etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

  • Baheberu 9:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 O kene sehalaledisisong ka madi a hae eseng a dipodi kapa a dipohwana.+ O kene moo hanngwe ebile e le la ho qetela mme a re pholosa ka ho sa feleng.+

  • Baheberu 9:24-26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 24 Kreste ha a ka a kena ka sehalaledisisong se entsweng ke batho,+ seo e leng setshwantsho feela sa sehalaledisiso sa nnete.+ O kene lehodimong la sebele,+ moo a hlahang ka pela Modimo bakeng sa rona.+ 25 Ha a ka a kena lehodimong e le hore a iketse sehlabelo hangata jwalo ka moprista ya phahameng ha a kena ka sehalaledisisong selemo le selemo+ ka madi ao e seng a hae. 26 Ho seng jwalo o ne a tla lokela ho utlwa bohloko hangata ho tloha ha lefatshe le boptjwa. Empa o itlhahisitse hanngwe ebile e le la ho qetela hona jwale qetellong ya mehla ena* e le hore a tlose sebe ka sehlabelo sa hae.+

  • Baheberu 10:10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Ka “thato” eo ya Modimo,+ re halaleditswe ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste se nyehetsweng hanngwe ebile e le la ho qetela.+

  • 1 Johanne 2:1, 2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 2 Bana ba ka bao ke ba ratang, ke le ngolla dintho tsena hore le se ke la etsa sebe. Le ha ho le jwalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi* ya lokileng+ ya ho Ntate, e leng Jesu Kreste.+ 2 Ke sehlabelo+ se hlakolang dibe tsa rona+ e le hore re ka boelana le Modimo, eseng dibe tsa rona feela empa le tsa lefatshe lohle.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela