Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 23:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Hape le keteke Mokete wa Kotulo* ya dihlahiswa tsa pele tse butswitseng tsa mesebetsi ya lona, tsa seo le se jetseng masimong.+ Ha selemo se fela le keteke Mokete wa ho Bokella,* ha le bokella dintho tseo le di jetseng masimong.+

  • Numere 29:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Ka letsatsi la bo15 la kgwedi ya bosupa le tshware kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima mme le etsetse Jehova mokete ka matsatsi a supileng.+

  • Deuteronoma 16:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Le keteke Mokete wa Maphephe*+ ka matsatsi a supileng ha le bokella dintho tse tswang seotlong sa lona le sehatelong sa lona sa oli le sa veine.

  • Esdrase 3:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 Jwale ba tshwara Mokete wa Maphephe* ho ya ka se ngotsweng+ mme letsatsi le letsatsi ba ne ba fana ka palo e behilweng ya mahlabelo a setjheso a neng a hlokeha letsatsi le letsatsi.+

  • Nehemia 8:14-18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Jwale ba fumana ho ngotswe Molaong oo Jehova a neng a fane ka wona a sebedisa Moshe hore ka kgwedi ya bosupa+ Baiseraele ba lokela ho dula maphepheng* nakong ya mokete 15 le hore ba phatlalatse+ mme ba tsebise batho metseng yohle ya bona le Jerusalema yohle ba re: “Eyang sebakeng se dithaba mme le tlise makala a nang le makgasi a tswang difateng tsa mohlwaare, tsa phaena, tsa mirte le tsa palema le makala a nang le makgasi a tswang difateng tse ding e le hore le etse maphephe ho ya ka se ngotsweng.”

      16 Batho ba tswa mme ba tla le makala ao hore ba iketsetse maphephe, e mong le e mong hodima marulelo a hae ha mmoho le mabaleng a bona, mabaleng a ntlo ya Modimo wa nnete,+ lebaleng la Keiti ya Metsi+ le la Keiti ya Efraime.+ 17 Ka hoo, phutheho yohle ya ba neng ba kgutlile botlamuweng ya etsa maphephe mme ya dula ho ona etswe Baiseraele ba ne ba sa ka ba etsa seo ka tsela ena ho tloha mehleng ya Joshua+ mora wa Nune ho fihlela letsatsing leo mme batho ba ile ba thaba haholo.+ 18 Letsatsi le letsatsi ho ne ho balwa buka ya Molao wa Modimo wa nnete,+ ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ka letsatsi la ho qetela. Ba ile ba etsa mokete ka matsatsi a supileng mme ho ya ka Molao, ka letsatsi la borobedi ho ile ha eba le seboka se hlomphehang.+

  • Johanne 7:2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 2 Empa Bajuda ba ne ba le haufi le ho keteka Mokete wa Ditabernakele.*+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela