Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Numere 29:39
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 39 Le nyehele dintho tsena ho Jehova meketeng ya lona e bang ka dinako tse itseng,+ ho phaella ho dinyehelo tsa lona tsa boitlamo+ le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo,+ e le dinyehelo tsa lona tsa setjheso,+ dinyehelo tsa lona tsa dijo,*+ dinyehelo tsa lona tsa seno+ le mahlabelo a lona a kopanetsweng.’”+

  • Deuteronoma 12:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 6 Ke moo le tla tlisa dinyehelo tsa lona tsa setjheso,+ mahlabelo a lona, dikarolo tsa lona tsa leshome,+ monehelo wa lona,+ dinyehelo tsa lona tsa boitlamo, dinyehelo tsa lona tsa boithaopo+ le matsibolo a mohlape wa lona wa dikgomo, wa dinku le dipodi.+

  • 1 Dikronike 29:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 9 Batho ba thaba haholo ka lebaka la ho ithaopela ho fana ka dinyehelo tsena hobane ba ne ba ithaopetse ho fa Jehova dinyehelo tseo ka dipelo tsa bona tsohle.+ Morena Davida le yena a thaba haholo.

  • 2 Dikronike 35:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Dikgosana tsa hae le tsona tsa ntshetsa setjhaba, baprista le Balevi monehelo e le nyehelo ya boithaopo. Hilkia,+ Zakaria le Jehiele, baetapele ba ntlo ya Modimo wa nnete, ba fa baprista mahlabelo a Paseka a diphoofolo tse 2 600 le dikgomo tse 300.

  • Esdrase 2:68
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 68 Ha ba fihla ntlong ya Jehova e neng e le Jerusalema, ba bang bao e neng e le dihlooho tsa malapa, ba ile ba ntsha menehelo e fanwang ka ho rata+ bakeng sa ntlo ya Modimo wa nnete e le hore e hahwe botjha* setsheng sa yona.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela