-
Ruthe 4:4-6Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
4 Ka hoo, ke ile ka nahana hore ke lokela ho o tsebisa sena ka hore ke re ho wena: ‘Reka tshimo eo ka pela baahi le banna ba baholo ba batho ba heso.+ Haeba o tla e lopolla, etsa jwalo. Empa haeba o ke ke wa e lopolla, mpolelle e le hore nka tseba ka ha ke wena ya ka e lopollang mme nna ke a o hlahlama.’” Yaba molopolli o re: “Ke ikemiseditse ho e lopolla.”+ 5 Boase a re: “Letsatsing leo ka lona o rekang tshimo ho Naomi, o boetse o lokela ho e reka ho Ruthe mohlolohadi wa Momoabe e le hore lefa la monna ya shweleng le ka kgutlisetswa lebitsong la hae.”+ 6 Yaba molopolli o re: “Ha ke kgone ho itopollela yona hobane nka tloha ka senya lefa la ka. Itopollele yona ka tokelo ya ka ya ho lopolla ka ha ha ke kgone ho e lopolla.”
-