-
Baahlodi 7:15, 16Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Hang ha Gideone a utlwa toro eo le tlhaloso ya yona,+ a inama mme a rapela. Ka mora moo, a kgutlela ditenteng tsa Baiseraele a re: “Emang ka ha Jehova o tla le thusa hore le hlole masole a Bamidiane.” 16 A arola banna ba 300 ka dihlopha tse tharo mme kaofela ha bona a ba fa manaka+ le dinkgo tse kgolo tse nang le mabone* ka hare.
-