Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 2 Marena 25:9, 10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 9 A tjhesa ntlo ya Jehova,+ ntlo ya morena*+ le matlo ohle a Jerusalema.+ A boela a tjhesa matlo a banna bohle ba hlomphehang.+ 10 Masole ohle a Bakalde a neng a ena le mookamedi wa balebedi a heletsa marako a neng a potapotile Jerusalema.+

  • 2 Dikronike 36:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 A etsa hore morena wa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaye bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha a ka a qenehela mohlankana kapa morwetsana, ya tsofetseng kapa ya kulang.+ Modimo a etsa hore a fedise dintho tsohle.+

  • Nehemia 2:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Ka re ho morena: “Morena a ke a phele ka ho sa feleng! Ke tla tlohela ho nyahama jwang sebaka seo baholoholo ba ka ba patetsweng ho sona se ripitlilwe le dikeiti tsa sona di tjhesitswe ka mollo?”+

  • Esaia 1:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  7 Naha ya lona e senyehile,

      Metse ya lona e tjhesitswe ka mollo.

      Basele ba ja dihlahiswa tsa naha ya lona le ntse le ba shebile.+

      E ripitlilwe ekare e sentswe ke dira.+

  • Jeremia 4:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  7 Sera se hlahile jwalo ka tau ha e hlaha hara mofero wa yona,+

      Ya senyang ditjhaba o tswile.+

      O tswile sebakeng sa hae e le hore a etse naha ya hao ntho e tshosang.

      Metse ya hao e tla etswa dithako, e hloke moahi.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela